Ntwa ya Boitseko e Fanyehuweng ya Afrika Borwa

Ditshepo le Ditebello
  • Publication Date: 2014
  • Dimensions and Pages: 190 x 130 mm, 184pp
  • EAN: 978 1 86814 759 5
  • Rights: World
  • Recommended Price (ZAR): 170.00
  • Recommended Price (USD): n/a

Lekgetha le leholo la buka ya Adam Habib ke hore ha e hlahise ka botjha maemo ao ho ona ho rutwang dithuto tsa ho sithabetsa
kelello… O tsekella hore “tumellano ya kahisano” e ntjha e hloka ho tlisa ho lekalekana pakeng tsa boqhutsu le ditebello tse ratwang, jwalo feela ka ha ditlhoko tsa setjhaba di hloka ho hola (le ho tiya kgolong ya tsona) ho etsa hore bomaqhutsu ba ikarabelle diketsong tsa bona; yena ho sena o bona mola o arolang ajenda e ntjha kapa e tsositsweng botjha e tswelang pele ya sepolotiki.
—Shaun de Waal, Mail and Guardian, 28 August 2013

Adam Habib o tloletse ka nqane ho dipolotiki tsa ho bohisa…. o fana ka manollo e tebileng ya boikgethelo bo nammeng ba maano bo entsweng ke boramaqhutsu ba sepolotiki nakong ya ho phunyeletsa demokrasing ya 1994. Mang kapa mang ya batlang kutlwisiso e
hlakileng ya mela ya diphoso tse tonanahadi tse halosang ka ho tswela pele naha ena ya rona e bitswang Afrika Borwa hlalosang, o tla e fumana ka hara buka ena e bulang mahlo.
—Karima Brown, political journalist and anchor of CNBC Africa’s Political Exchange

Buka ena ke setlamo ho maAfrika Borwa ohle a batlang ditharollo tse lebahaneng le demokrasi ya rona. Adam Habib o fana ka manollo ya sethato ya diphetoho tsa sepolotiki le tsa moruo nakong ena e ka mora kgethollo ka ho pepesa ditsitsipano tsa puso le matla a ka mahlakoreng ohle a teng sedikadikweng sa dipolotiki sa Afrika Borwa.

Ka lebaka la ho mekamekana le diphepetso tse kang bothata ba phepelo ya ditshebeletso le boikarabelo, ho sutha ha maano a moruo, seabo seo setjhaba se nang le sona le ditumellano tsa kahisano, Habib o tsenkolla dintlha tse tshwaetsang diphetho tsa sepolotiki le tsa maano. Tsona di kenyeletsa matla le boitaolo ba mekga ya dipolotiki, lekala la tsa kgwebo, botsetedi ba dinaha tsa ka ntle, diyunione tsa basebetsi, mekgatlo ya setjhaba mmoho le matla a lefatshe le mekgatlo ya lona. O dumela hore batho ka boinnotshi le ditheo, ka mehopolo ya tsona di ka nka kgato kgahlanong le leqhetswana la motsotso o itseng wa histori mme tsa fetola setjhaba kaofela ha sona.

South Africa’s Suspended Revolution: Hopes and Prospects e phatlaladitswe ka 2013. Ntwa ya Boitseko e Fanyehuweng ya Afrika Borwa ke kgatiso e kgutsufaditsweng mme ya fetolelwa ho tswa ho ya sethato ya English, mme yona e phethahetse ho ka sebetsa jwalo ka selelekela ho mang kapa mang ya nang le tjhesehelo ya ditebello tsa bokamoso tsa Afrika Borwa.

 

Adam Habib ke momanolli wa ditaba tsa setjhaba ya hlophehang, serutehi se ikgethileng mme hlomphehang e le molwanedi wa dipolitiki ya ithutileng diyunivesithing tse mmalwa tsa Afrika Borwa le ho Graduate Center ya City University of New York. Motlatsa Mokanseliri ebile e le Hlooho ya Yunivesithi ya Witwatersrand, Johannesburg ho tloha ka 2013, o se a ile a tshwara ditulo tsa borutehi Yunivesithing ya Durban-Westville, Yunivesithing ya KwaZulu-Natal (moo e neng e le molaodi ya thehileng Centre for Civil Society), Yunivesithing ya Johannesburg le ho Human Sciences Research Council.

Related titles

Comments are closed.